Lefapha la Mesebetsi
DIPEHELO TSA TSHEBETSO E NTLE DINTLHENG TSA SEHLOOHO TSA HIV/AIDS LE PHANO YA MOSEBETSI
SELELEKELA
Ho hlokometswe hore sewa sa HIV/AIDS se tla ama sebaka se seng le se seng sa mosebetsi, ka ho kula ha nako e telele ha basebetsi, bosiyo mosebetsing, le lefu tse amang tlhahiso, ditokelo tsa mosebetsi, polokeho mosebetsing, ditjeho tsa tlhahiso le moya sebakeng sa mosebetsi 1[1].
HIV ha e tsebe meedi ya phedisano, botona le botshehadi kapa mofuta wa setjhaba, empa ho dumelwa hore maemo a phedisano le moruo a tshwaetsa ditsela tsa lefu lena. HIV e atleha haholo tikolong ya bofuma, kgolo e potlakileng ya metsetoropong, tlhekefetso le ho hloka botsitso. Phetiso e atiswa ke ho se lekalekane ha disebediswa le ditsela tsa phallo ho tloha mahaeng ho ya ditoropong. Basadi, ka ho qolleha, ha ba sireletseha haholo tshwaetsong maemong a botjhaba le a moruo moo ba nang le taolo e fokolang ho tse amang maphelo a bona.
Ho feta moo HIV/AIDS e sa ntse e le lefu le potapotilweng ke ho hloka tsebo, ho hloka toka, kgethollo le ho kgeswa. Sebakeng sa mosebetsi kgethollo e hlokang toka ya batho ba phelang ka HIV le AIDS e ntsheditswe pele ka diketso tse kang teko ya HIV pele ho phano ya mosebetsi, ho lelekelwa ho ba le HIV le ho hanelwa ka ditokelo tsa mosebetsi.
DITLHALOSO:
[1] Dipehelo tsena di tla tsamaya mmoho le Technical Assistance Guidelines on Managing HIV/AIDS in the workplace. Ho hopolwa hore tsena di tla hlahiswa halofong ya bobedi ya 2000 mme di phatlalatswe ka 2001. Tataiso e tla fana ka dintlha ka botebo mabapi le ho kenngwa tshebetsong ha maano le mananeo a kgonahalang ho shebana le kameho ena, ho kenyelletswa le mawala a ho fa ditlhoko tsa dikgwebo tse nyenyane le mokga o sa hlophiswang ka tlwaelo.
O mong wa mekgwa e sebetsang ka katleho ho fokotsa le ho laola ka moo HIV/AIDS a amang sebaka sa mosebetsi ka teng ke ka ho kenngwa tshebetsong ha leano le lenaneo la HIV/AIDS. Ho sebetsana le dintlha tsa HIV/AIDS sebakeng sa mosebetsi ho tla kgontsha boramosebetsi, mekgatlo ya basebetsi le mmuso ho phehisa haholo boitekong ba lehae, ba naha le ba matjhaba ba ho thibela le ho laola HIV/AIDS. Ho ya ka tse boletsweng, Dipehelo tsena di entswe e le tataiso ho boramosebetsi, mekgatlo ya basebetsi le basebetsi.
Ho feta moo Dipehelo tsena di leka ho thusa ho fihlela le ho akaretsa:
ho kgothalletsa sebaka sa mosebetsi se hlokang kgethollo seo ho sona batho ba nang le HIV kapa AIDS ba kgonang ho ipolela mabapi le boemo ba bona ba HIV ntle le ho tshaba ho kgeswa kapa ho qhelelwa thoko;
ho kgothalletsa mekgwa e lokelang mme e nepisisang ho laola HIV sebakeng sa mosebetsi;
Dikahare
DIPHEO
Sepheo sa mantlha sa Dipehelo tsena ke ho fana ka dintlha tsa tataiso ho basebetsi le mekgatlo ya basebetsi hore ba e sebedise e le ho nnetefatsa hore batho ba nang le tshwaetso ya HIV ha ba kgethollwe ka leeme sebakeng sa mosebetsi. Sena se kenyelletsa dipehelo tse amang:
i ho bopa tikoloho ya mosebetsi e sa kgetholleng;
ii ho sebetsana le diteko tsa HIV, lekunutu le ho phatlalatsa;
iii ho fana ka ditokelo tsa basebetsi ka mokgwa o se nang leeme;
iv ho sebetsana le ho lelekwa mosebetsing; le v ho laola metjha ya ditletlebo.
Sepheo sa boemo ba bobedi sa Dipehelo tsena ke ho fana ka tataiso ho boramosebetsi, basebetsi le mekgatlo ya basebetsi mabapi le ka moo ba ka laolang HIV/AIDS ka hara sebaka sa mosebetsi. Ka ha sewa sa HIV/AIDS se ama sebaka sa mosebetsi le batho maemong a mangata a fapaneng, se hloka karabelo e akaretsang, e fadimehetseng dintlha tsena kaofela. Ka hoo Dipehelo tsena di kenyelletsa ditheo, tseo ho buuwang ka tsona ka botebo tlasa melao e hlahisitsweng karolwaneng ya 5.1., hodima tse latelang:
ii ho hlahisa ditsela tsa ho laola diketsahalo tsa mosebetsing le ditseko tsa ditlhapiso;
iii ho kenya ditsela tsa ho thibela ho phatlalla ha HIV;
iv ho hlahisa mawala a ho hlahloba le ho fokotsa sekgahla sa sewa sena sebakeng sa mosebetsi; le v ho tshehetsa batho ba tshwaeditsweng le ba anngweng ke HIV/AIDS e le hore ba ka tswela pele ho sebetsa ba ena le tlhahiso ka bolelele ba nako bo ka kgonahalang.
Ho feta moo, Dipehelo tsena di kgothalletsa ho thehwa ha mekgwa le ditsela tse ka kgothalletsang tshebedisano methating e latelang:
i pakeng tsa boramosebetsi, basebetsi le mekgatlo ya basebetsi sebakeng sa mosebetsi;
ii pakeng tsa sebaka sa mosebetsi le baamehi ba bang boemong ba mekga, lehae, provense le naha.
Dikahare
Ho kgothalletsa tekano le ho se kgetholle pakeng tsa batho ba nang le tshwaetso ya HIV le ba e hlokang, le pakeng tsa HIV/AIDS le maemo a mang a bophelo/ho kula a ka bapiswang le yona.
Ho bopa tikoloho e tshehetsang e le hore basebetsi ba tshwaeditsweng HIV le ba hlokang tshwaetso ba kgone ho tswela pele ho sebetsa tlasa maemo a tlwaelehileng tshebetsong ya bona ya nako eo ha feela bophelo bo ntse bo ba dumella ho etsa jwalo.
HIV/AIDS e ama basadi haholo ho feta mme sena se lokela ho hlokomelwa ha ho etswa maano le mananeo a sebaka sa mosebetsi.
Ho buisana, ho kenyelletsa le ho kgothalletsa ho ba le seabo ha baamehi bohle ke ditheo tsa mantlha tse lokelang ho tshehetsa maano le mananeo ohle a HIV/AIDS.
Dikahare
TSHEBEDISO LE HO AKARETSA
Boramosebetsi bohle le basebetsi bohle, mmoho le mekgatlo ya bona, ba kgothalletswa ho sebedisa Dipehelo tsena ho ntshetsa pele, ho kenya tshebetsong le ho ntlafatsa maano le mananeo a bona a HIV/AIDS hore a lokele ditlhoko tsa dibaka tsa bona tsa mosebetsi.
Bakeng sa dipehelo tsena, lereo ?sebaka sa mosebetsi? le lokela ho tolokwa ha batsinyana ho feta tlhaloso eo ho fanweng ka yona Molaong wa Dikamano tsa Mosebetsing, Molao wa 66 wa 1995, Temana ya 213, ho kenyelletsa tikoloho ya mosebetsi ya, hara tse ding, batho ba se nang kamano ya ramosebetsi-mosebetsi, batho ba sa sebelletseng mmuso le batho ba itshebetsang.
Le ha ho le jwalo, Dipehelo tsena ha di fane ka melao e metjha hodima e Molaong wa Tekatekano Mosebetsing le Molao wa Dikamano tsa Mosebetsing, kapa molaong ofe kapa ofe oo ho buuwang ka ona Dipehelong tsena. Ho sitwa ho ikobela tsona ka bohona, ha ho bolele hore ho na le se ka etswang ka ramosebetsi, ntle le moo Dipehelo tsena di buwang ka boikobo bo hlahisitsweng molaong.
Dipehelo tsena di lokela ho balwa mmoho le dipehelo tse ding tsa tshebetso e ntle tse ka fanwang ke Letona la Mesebetsi.
Dikahare
MORALO WA MOLAO
Dipehelo tsena di lokela ho balwa mmoho le Molao wa Motheo wa Afrika Borwa, Molao wa 108 wa 1996, le Melao e meng e kenyelletsang e latelang:
i Molao wa Tekatekano Mosebetsing, Molao wa 55 wa 1998;
ii Molao wa Dikamano mosebetsing, Molao wa 66 wa 1995;
iii Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing, Molao wa 85 wa 1993;
iv Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong, Molao wa 29 wa 1993;
v Molao wa Ditlhapiso Dikotsing le Mafung a Mosebetsing; Molao wa 13 wa 1993;
vi Molao wa Dipehelo tsa Motheo tsa Mosebesti, Molao wa 75 wa 1997; le vii Molao wa Dikimi tsa Phekolo, Molao wa 131 1998.
viii Molao wa Kgothalletso ya Tekatekano le Thibelo ya Ho lelekwa ho leeme, Molao wa 4 wa 2000.
Dikahare tsa Dipehelo tsena di lokela ho elwa hloko ha ho etswa, ho kenngwa tshebetsong kapa ho lekolwa botjha maano kapa mananeo afe kapa afe a sebaka sa mosebetsi ho ya ka melao e tswa bolelwa.
Dikarolwana tse latelang, tse kgethilweng, di amana le ho fumanwa ho e meng ya melao e tswa bolelwa:
Dipehelo tsena di ntshitswe ho ya ka Temana ya 54 (a) ya Molao wa Tekatekano mosebetsing, Molao wa 55 wa 1998 mme di thehilwe hodima nnete ya hore ha ho motho ya lokelang ho kgethollwa ka baka la boemo ba hae ba HIV. Ho thusa boramosebetsi le basebetsi ho sebedisa theo ena ka ho tshwana sebakeng sa mosebetsi, Dipehelo tsena di bua le ka dikarolwana tse ding tsa molao.
Temana ya 6 ya Molao wa Tekatekano Mosebetsing e bolela hore ha ho motho ya lokela ho kgetholla ka leeme mosebetsi, kapa moikopedi wa mosebetsi, ka leano kapa tshebetso efe kapa efe ya mosebetsi, ka bala la boemo ba hae ba HIV. Tsekisanong efe kapa efe ya molao eo ho yona ho bolelwang hore ramosebetsi o kgethollotse ka leeme, ramosebetsi o lokela ho bontsha hore kgethollo kapa phapano efe kapa efe e ne e hloka leeme.
Ha ho mosebetsi kapa moikopedi wa mosebetsi ya ka kotjwang ke ramosebetsi wa hae ho etsa teko ya HIV e le ho nnetefatsa boemo ba hae ba HIV. Teko ya HIV e etswang ke ramosebetsi kapa lebitsong la hae e ka etswa feela moo Lekgotla la Mosebetsi le boletseng hore teko e jwalo e loketse ho ya ka Temana ya 7 ya Molao wa Tekatekano mosebetsing.
Ho ya ka Temana ya 187 (f) ya Molao wa Dikamano Mosebetsing, Molao wa 66 wa 1995, mosebetsi ya nang le HIV a ke ke a lelekwa feela hobane a ena le HIV kapa a ena le AIDS. Le ha ho le jwalo moo ho nang le mabaka a utlwahalang mabapi le bokgoni ba hae hae ho tswela pele ka mosebetsi mme ho latetswe ditsela tse hlokang leeme, a ka kgaolwa mosebetsing ho ya ka Temana ya 188 (a)(i).
Ho ya ka Temana ya 8 ya Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho mosebetsing, Molao wa 85 wa 1993; ramosebetsi o tlamehile ho fana ka sebaka sa mosebetsi se bolokehileng ka hohle ka moo ho ka kgonahalang. Sena se ka kenyelletsa ho nnetefatsa ho theolwa ha kotsi ya ho pepesetswa HIV.
Temana ya 2 le Temana ya 5 ya Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Merafong di hlalosa hore rabosebetsi o tlamehile ho fana ka sebaka sa mosebetsi se bolokehileng ka hohle ka moo ho ka kgonahalang. Sena se ka kenyelletsa ho nnetefatsa ho theolwa ha kotsi ya ho pepesetswa HIV.
Mosebetsi ya tshwaeditsweng HIV ka lebaka la mosebetsi o mo pepesetsang madi a kapa maro a mmele a tshwaeditsweng, a ka etsa kopo ya ditokelo tsa hae ho ya ka Temana ya 22 ya Molao wa Ditlhapiso dikotsing le mafung a mosebetsing; Molao wa 13 wa 1993;
Ho ya ka Molao wa Dipehelo tsa motheo tsa mosebetsi, Molao wa 75 wa 1997, ramosebetsi e mong le e mong o tlamehile ho nnetefatsa hore basebetsi bohle ba fumana maemo a itseng a motheo mosebetsing, ho kenyelletswa le bonyane ba matsatsi a llifi ya ho kula Temana ya 222.
Ho ya ka Temana ya 24 (e) ya Molao wa Dikimi tsa phekolo, Molao wa 131 wa 1998, sekimi sa phekolo se ngodisitsweng ha se a lokela ho kgetholla ka leeme ka ho toba kapa ka ho se tobe ditho tsa lona ka lebaka la ?maemo a bophelo? ba tsona. Ho feta moo ho ya ka Temana ya 67 ho ka etswa melawana e hlalosang hore dikimi tsohle di lokela ho fana ka bonyane ba boemo ba ditokelo ho ditho tsa tsona.
Ho ya ka molao wa tlwaelo le Temana ya 14 ya Molao wa motheo wa Afrika Borwa, Molao wa 108 wa 1996, batho bohle ba nang le HIV ba na le tokelo ya lekunutu la taba tsa bona, ho kenyelletswa le lekunutu le mabapi le boemo ba bona ba HIV kapa AIDS. Ka hona ha ho tlameho ya molao e reng mosebetsi a phatlalatse boemo ba hae ba HIV ho ramosebetsi kapa ho basebetsi ba bang.
Dikahare
HO KGOTHALLETSA HO SE KGETHOLLE MOSEBETSING
Ha ho motho ya nang le HIV kapa AIDS ya tla kgethollwa ka leeme ka hara kamano ya mosebetsi kapa ka hara maano afe kapa afe kapa tshebetso efe kapa efe, ho kenyelletswa le tse mabapi le:
i mekgwa-tsamaiso ya ho thaotha, ho phatlalatsa dikgeo le metheo ya ho kgetha bahiruwa;
ii ho kenngwa mosebetsing, le ketsahalotswello ya ho kenngwa mosebetsing, ho kenyelletswa le ho kgethelwa tshebetso;
iii tlhophiso ya mosebetsi kapa ho behwa ka methati;
v mananeo a ho thusa basebetsi;
ix thupelo le ntshetsopele x Tsela tsa ho lekanya tshebetso ya mosebetsi;
vii phahamiso, ho fetiswa le ho theolwa;
Ho kgothalletsa ho se kgetholle mosebetsing ho theilweng hodima nnete ya tekano, boramesebetsi le mekgatlo ya basebetsi ba lokela ho ba le ditsela tse nnetefatsang hore basebetsi ba nang le HIV le AIDS ha ba kgethollwe ka leeme mme ba sireleditswe ho etsweng hampe ka mehato e kang:
ii phadimehiso, thuto le thupelo ka ditokelo tsa batho bohle mabapi le HIV le AIDS;
iv ho fana ka tshehetso ho basebetsi bohle ba tshwaeditsweng kapa ba anngweng ke HIV le AIDS; le v metjha ya ditletlebo le mehato ya kgalemo ho sebetsana le ditletlebo tse amanang le HIV sebakeng sa mosebetsi.
Dikahare
DITEKO TSA HIV, LEKUNUTU LE HO IPOLELA
Ho etsa diteko tsa HI
Ha ho ramosebetsi ya tla batla hore mosebetsi wa hae kapa moikopedi wa mosebetsi a etse teko ya HIV e le ho nnetefatsa boemo ba HIV ba mosebetsi wa hae. Jwalo ka ha ho hlalositswe Molaong wa Tekatekano mosebetsing, boramosebetsi ba ka kopa tumello ya ho etsa diteko Lekgotleng la Mesebetsi.
Hore na Temana ya 7 ya Molao wa Tekatekano mosebetsing e thibela tshebeletso ya Bophelo bo Botle e fanwang ke ramosebetsi ho etsa teko ho mosebetsi ya kopang teko, ho itshetlehile ho hore na Lekgotla la Mesebetsi le tla amohela hore ramosebetsi a ka ritsisa tshireletso temaneng ena a tseba. Tabana ena ha e eso qetwe ke makgotla. 2[2]
Ha ho kenngwa ditemana tse latelang tshebetsong , ho kgothalletswa hore ba amehang ba hlokomele boemo bo filweng taba
[2] Molao wa Tekatekano Mosebetsing ha o behe ramosebetsi molato wa bosenyi ha a etsa teko e tlolang s 7 . Le ha ho le jwalo mosebetsi ya reng tokelo ya hae ya ho se etswe diteko e hataketswe a ka etsa tseko ho CCMA, ho ba kopanya mme ebang yona e sa rarolle qaka ena, a ka ya Lekgotleng la Mesebetsi ho sebetsa ditaba.
Diteko tse dumelletsweng
Boramosebetsi ba lokela ho kopa tumello Lekgotleng la Mesebetsi maemong a latelang, hara a mang:
i nakong eo ho etswang kopo ya mosebetsi ii e le pehelo ya ho hirwa;
iii nakong ya mehato e amanang le ho fediswa ha khiro;
iv e le se hlokwang bakeng sa ho kgethelwa ho rupelwa ha basebetsi kapa mananeo a ntshetsopele ya basebetsi; le v e le pehelo ya phihlelo ho fumana ditokelo tsa bosebetsi.
Teko e kgonahalang a Ramosebetsi a ka fana ka teko ho mosebetsi ya ikopetseng teko maemong a latelang:
i E le karolo ya tshebeletso ya bophelo bo botle e fanwang sebakeng sa mosebetsi;
ii Ha eba ho na le kotsi ya mosebetsing e nang le tsietsi ya ho pepesehela madi kapa maro a mmele;
b Ho feta moo diteko tse jwalo di ka etswa feela dipehelong tsena tse hlalositsweng:
i Ka boikopelo ba mosebetsi;
ii Kamanong ya mosebeletsi wa tlhokomelo ya bophelo bo botle le kamanong ya ramosebetsi le mokudi;
iii Ka tumello e thehilweng tsebong le boeletsi pele le ka mora diteko, jwalo ka ha ho hlalositswe ke Leano la Naha la Lefapha la Bophelo bo Botle mabapi le Ho etswa ha diteko tsa HIV; le iv Ka mehato e matla mabapi le lekunutu la boemo ba mosebetsi ba HIV jwalo ka ha ho hlalositswe ratswaneng sa 7.2 sa Pehelo tsena.
Diteko tsohle, ho kenyelletswa le diteko tse dumelletsweng le tse kgonahalang, di lokela ho etswa ho ya ka Leano la Naha la Lefapha la Bophelo bo Botle mabapi le Ho etswa ha diteko tsa HIV le ntshitsweng ho ya ka Molao wa Naha wa Bophelo bo Botle, Molao wa 116 wa 1990.
Ho etsa qeto o tseba ho bolela hore motho o filwe lesedi, o a le utlwisisa, mme o dumetse ho etsa diteko a ipapisitse le lona. Ho bolela hore motho o utlwisisa seo teko e leng sona, hobaneng ha e hlokahala, melemo ya yona, kotsi ya yona, tsela e nngwe ntle le yona, le seo sena se ka mo fuparelang sona mabapi le phedisano.
Diteko tsa bodisa kapa tsa boleng ba sewa tsa HIV sebakeng sa mosebetsi tse sa supeng lebitso, tse sa amanngweng le motho, di ka etswa ha feela di etswa ho ya ka ditheo tsa boitlhompho le molao mabapi le diphuputso tse jwalo. 3[3] Moo diphuputso tse jwalo di etswang, lesedi le fumanwang ha le a lokela ho sebediswa ho kgetholla ka leeme batho ba itseng kapa dihlopha tsa batho. Teko e ke ke ya nkwa e sa supe lebitso ha eba ho na le kgonahalo e utlwahalang ya hore boemo ba motho ba HIV bo ka tsejwa ka diphetho tsa yona.
Lekunutu le Boipolelo
Batho bohle ba nang le HIV kapa AIDS ba na le tokelo ya molao ya sephiri. Ka hoo ho mosebetsi ha a tlangwe ke molao ho bolela boemo ba hae ba HIV ho ramosebetsi kapa ho basebetsi ba bang.
Moo mosebetsi a ithaopang ho bolela boemo ba hae ba HIV ho ramosebetsi kapa ho basebetsi ba bang, lesedi lena le se ke la bolellwa ba bang ntle le tumello ya mosebetsi e ngotsweng. Moo tumello e ngotsweng e sa kgonahaleng, ho lokela ho nkwa mehato ho tiisa hore mosebetsi o lakatsa ho bolela boemo ba hae.
Ho lokela ho qatjwa mekgwa ya ho kgothalletsa phutholoho, kamohelo le tshehetso ho boramosebetsi le basebetsi ba ipolelang boemo ba HIV ka boithaopo sebakeng sa mosebetsi, ho kenyelletswa le:
i ho kgothalletsa batho ba phelang ka HIV kapa AIDS pepenene ho fana kapa ho ba le seabo mananeong a thuto, thibelo kapa phadimehiso;
[3] Sheba hara tse ding Leano la Naha la Diteko tsa HIV la Lefapha la Bophelo le Melawana ya Disebediswa tse Kotsi Tikolohong.
iii ho nnetefatsa hore batho ba phutholohileng mabapi le boemo ba bona ba HIV kapa AIDS ha ba kgethollwe ka leeme kapa hona ho kgeswa.
Dikahare
HO KGOTHALLETSA POLOKEHO SEBAKENG SA MOSEBETSI
Ramosebetsi o tlamile ho fana le ho boloka, ka hohle ka moo ho ka kgonahalang, sebaka sa mosebetsi se hlokang kotsi bophelong bo botle ba basebetsi ba hae.
Kotsi ya phetisetso ya HIV sebakeng sa mosebetsi e a fokola. Le ha ho le jwalo dikotsi tsa mosebetsing tse akgang maro a mmele di ka etsahala, haholoholo diprofesheneng tsa tlhokomelo ya bophelo bo botle. Sebaka se seng le se seng sa mosebetsi se lokela hore se ikamahanya le dipehelo tsa Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Mosebetsing, ho kenyelletswa le Melawana ya Dihlahiswa tse Kotsi Tikolohong, le Molao wa Bophelo bo Botle le Polokeho Morafong, le hore leano la yona le sebetsa le, hara tse doing:
i kotsi, ebang e le teng, ya phetisetso mosebetsing ka hara sebaka se itseng sa mosebetsi;
ii thupelo e lokelang, phadimehiso, thuto ka tshebediso ya ditsela tsa taolo ya tshwaetso tsa lefatshe e le ho qoholla, ho sebetsana le ho fokotsa kotsi ya phetisetso ya HIV sebakeng sa mosebetsi;
iii ho fana ka disebediswa tse lokelang le tse ka sireletsang basebetsi kotsing ya ho pepesetswa HIV;
iv mehato e lokelang ho nkuwa ka mora kotsi ya mosebetsing ho kenyelletswa le taolo e loketseng ya pepesetso mosebetsing ya HIV le mafu a mang a fumanwang mading, ho kenyelletswa le diteko tsa ka mora kotsi;
vi ho tlaleha dikotsi tsohle tsa mosebetsing; le vii ho diswa ho lekaneng ha pepeseho ho HIV ho nnetefatsa hore ditlhoko tsa kgonahalo ya ditlhapiso di a a kgotsofatswa.
Dikahare
Mosebetsi a ka hlapiswa ha eba a tshwaeditswe HIV ka baka la kotsi ya mosebetsing, ho ya ka Molao wa Ditlhapiso dikotsing le mafung a mosebetsing.
i ho fana ka lesedi ho ditho tse amehileng mabapi le metjha e tla lokela ho latelwa hore ba be boemong ba ho fumantshwa ditlhapiso; le ii ho thusa ho bokella lesedi le tla thusa ho tiisa hore basebetsi ba ne ba pepesehetse madi a tshwaeditsweng HIV mosebetsing.
9.2. Ho pepesehela kotsi mosebetsing ho lokela ho sebetswa ho ya ka Molao wa Ditlhapiso dikotsing le mafung a mosebetsing. Boramosebetsi ba lokela ho nnetefatsa hore ba ikobela dipehelo tsa Molao ona hammoho le metjha le tataiso e fanweng mabapi le ona.
Dikahare
TSE MOLEMONG WA MOSEBETSI
Basebetsi ba nang le HIV kapa AIDS ha ba a lokela ho kgethollwa ka leeme ha ho ajwa tse molemong wa basebetsi;
Basebetsi ba kulang ka baka la AIDS ba lokela ho tshwarwa jwalo ka mosebetsi e mong le e mong ya nang le lefu le tshwanang le ka bolayang mabapi le phihlelo ya tse molemong wa mosebetsi;
Lesedi le tswang dikiming tsa tse molemong wa basebetsi le mabapi le bophelo ba mosebetsi le lokela ho bolokwa e le lekunutu mme le se ke la sebediswa ho kgetholla ka leeme.
Moo ramosebetsi a fanang ka sekimi sa phekolo e le karolo ya tse molemong wa mosebetsi o lokela ho nnetefatsa hore sekimi sena ha se kgetholle ka leeme, ka ho toba kapa ka ho se tobe, motho ofe kapa ofe ka baka la boemo ba hae ba HIV.
Dikahare
HO LELEKA
Basebetsi ba nang le HIV ha ba a tshwanela ho lelekwa mosebetsing feela ka baka la boemo ba bona ba HIV/AIDS.
Moo mosebetsi a seng a kula haholo ho ka etsa mosebetsi wa hae wa tlwaelo, ramosebetsi o tlameha ho latela tataiso e amohelehileng e mabapi le ho leleka mosebetsi ka baka la ho se kgone pele a ka kgaola ditshebeletso tsa mosebetsi jwalo ka ha di hlalositswe Dipallong tsa Tshebetso e ntle mabapi le Ho kgaola tse fuperweng ke Shejulu ya 8 ya Molao wa Dikamano mosebetsing.
Ramosebetsi o lokela ho nnetefatsa hore ka moo ho ka kgonahalang, ditokelo tsa mosebetsi tsa lekunutu mabapi le boemo ba hae ba HIV di baballwe nakong efe kapa efe ya ho se kgone ha hae. Mosebetsi a ke ke a qobellwa ho etsa teko ya HIV kapa ho phatlalatsa boemo ba hae ba HIV e le karolo ya tsamaiso e jwalo ntle le ha Lekgotla la Mesebetsi le dumeletse teko e jwalo.
Dikahare
METJHA YA DITLETLEBO
Boramosebetsi ba lokela ho nnetefatsa hore ditokelo tsa basebetsi mabapi le HIV/AIDS, le matla a bona moo ditokelo tseo di tlotsweng, di nyalanywa le metjha e leng teng ya ditletlebo.
Boramosebetsi ba lokela ho etsa phadimehiso le kutlwisiso ya metjha ya ditletlebo le ka moo basebetsi ba ka e sebedisang ka teng.
Boramosebetsi ba lokela ho hlahisa mehato e ikgethang ho nnetefatsa lekunutu la molli nakong ya tsamaiso ya ditaba, ho kenyelletswa le ho nnetefatsa hore ditaba tseo di lokisetswa sebakeng sa lekunutu.
Dikahare
Mehato ya nako e kgutshwanyane le e telele ya ho sebetsana le ho fokotsa sekgahla sena, ho kenyelletswa le:
a Thibelo e ntshetswang pele ka nako tsohle ya ho nama ha HV hara basebetsi le ditjhabana tsa bona;
b Ho laola basebetsi ba nang le HIV hore ba kgone ho sebetsa ba ena le tlhahiso ka bolelele ba nako bo ka kgonahalang; le c Mawala a ho sebetsana le ditjeho tse tobileng le tse sa tobang tsa HIV/AIDS sebakeng sa mosebetsi.
Dikahare
Boramosebetsi le mekgatlo ya basebetsi ba lokela ho etsa mawala a lokelang ho utlwisisa, ho hlahloba le ho etsa se lokelang mabapi le sekgahla sa HIV/AIDS sebakeng sa bona sa mosebetsi le sektheng ya bona. Sena se lokela ho etswa ka tshebedisano le boiteko ba mmuso ba disektha, lehae, provense le naha, mekgatlo ya setjhaba le eo e seng ya mmuso.
Ho ithuta kotsi e ka kenyelletsa tlhahlobo ya tse latelang:
i Ho ba kotsing ya ho tshwaetswa ha basebetsi ka bonngwe kapa sehlopha sa basebetsi;
ii Mofuta le tshebetso ya mokgatlo le ka moo sena se ka eketsang kgonahalo ya tshwaetso ya HIV mohlala bodulo ba ba siileng malapa kapa ba hostele;
iii Ho ithuta kotsi ditjhabana tseo mokgatlo o fumanang basebetsi ho tsona;
Tlhahlobo e lokela hape ho hlokomela sekgahla seo sewa sa
i Ditjehong tse tobileng jwolo ka ditjeho tsa tse molemong wa basebetsi, ditjeho tsa phekolo, le ditjeho tse phahamang tse amanang le basebetsi jwalo ka thupelo le ho thaotha le ditjeho tsa ho kenya tshebetsong lenaneo la HIV/AIDS;
Ho fokotsa ditjeho ntle le ho fokotsa boleng ha phallelo efe kapa efe ya HIV/AIDS le hona ho lokela ho lekanngwa e le karolo ya tlhahlobo ya sekgahla.
Dikahare
Sebaka se seng le se seng sa mosebetsi se lokela ho iketsetsa leano la HIV/AIDS4[4], e le ho nnetefatsa hore basebetsi ba anngweng ke
[4] Leano lena e ka ba leano le tobileng la HIV/AIDS kapa le ka kenyelletswa leanong le mabapi le mafu a ka bolayang.
HIV/AIDS ha ba kgethollwe ka leeme maanong le tshebetsong tsa khiro. Leano lena le lokela ho akaretsa:
iii dintlha ka botebo mabapi le maano a khiro mohlala, boemo mabapi le teko tsa HIV, tse molemong wa basebetsi, taolo ya tshebetso ya mosebetsi le ditsela tse lokelang ho latelwa ho fumana ho hloka bokgoni ka baka la ho kula le ho lelekwa mosebetsing;
v metjha ya ditletlebo ho ya ka karolo ya 12 Dipehelong tsena;
vi ho supa ditsela tsa puisano ka hara mokgatlo mabapi le ditabana tsa HIV/AIDS;
vii dintlha ka botebo mabapi le ho kenngwa tshebeytsong le kgokahanyo ya boikarabelo; le viii tse ka sebediswang ho disa le ho hlahloba.
Maano ohle a lokela ho etswa ka puisano le baamehi ba sehlooho ka hara sebaka sa mosebetsi ho kenyelletswa mekgatlo ya basebetsi, baemedi ba basebetsi, basebetsi ba bophelo bo botle mosebetsing le lefapha la khiro ya basebetsi.
Leano le lokela ho bontsha boleng le ditlhoko tsa sebaka seo sa mosebetsi;
Ho etswa ha leano le ho le kenya tshebetsong ke ketsahalotswello e ntlha di ngata, ka hoo leano la sebaka sa mosebetsi le lokela ho:
i buisanwa le bohle ba amehang ii dula le lekolwa botjha ho ya ka lesedi la sewa le boramahlale;
iii diswa hore le kenngwe tshebetsong ka katleho le ho hlahlojwa hore le nepisise.
Ho kgothalletswa hore sebaka se seng le se seng sa mosebetsi se iteke ho etsa le ho kenya tshebetsong lenaneo la HIV/AIDS la sebaka sa mosebetsi leo sepheo sa lona e leng ho thibela tshwaetso tse ntjha, ho fana ka tlhokomelo le tshehetso ho basebetsi ba tshwaeditsweng le ba amehileng, le ho laola sekgahla sa sewa sena ka hara mokgatlo;
Boleng le ho phatlalla ha lenaneo la sebaka sa mosebetsi bo lokela ho laolwa ke ditlhoko le bokgoni ba sebaka sa mosebetsi ka seng. Le ha ho le jwalo, ho kgothalletswa hore lenaneo la sebaka sa mosebetsi se seng le se seng le lokela ho leka ho shebana le tse latelang tshebedisanong le boiteko ba mokga, lehae, provense le naha:
i ho tshwara mananeo a phadimehiso ya HIV/AIDS nako le nako;
ii ho kgothalletsa ho etsa diteko ka boithaopo;
iv ho kgothalletsa ho aba dikhondomo le ho di sebedisa;
v ho kgothalletsa boitshwaro bo isang bophelong bo botle mabapi le mafu a tshwaetsano ka thobalano;
vi ho hatella ho tshebediso ya mehato ya lefatshe ya taolo ya tshwaetso;
vii ho etsa tikoloho e kgothalletsang ho phutholoha, ho ipolela le ho amoheleha basebetsing bohle;
x ho etsa hore basebetsi ba amehileng ba be le tshebetso e ntle ka ho ba utlwela ka mokgwa o kgonahalang, jwalo ka ho batlisisa ka ho fana ka llifi ka phapanyetsano;
xi ho etsa mawala a ho sebetsana le ditjeho tse tobileng le tse sa tobang tse amanang le HIV/AIDS sebakeng sa mosebetsi, jwalo ka ha ho hlalositswe ntlheng ya 14.4
xii ho disa, ho hlahloba le ho lekola botjha lenaneo nako le nako.
Boramosebetsi ba lokela ho etsa ka hohle ka moo ho kgonahalang ho thusa basebetsi ka ho ba romela dibakeng tse lokelang tsa bophelo bo botle, tsa thekolohelo le tsa kelello le phedisano ka hara setjhabana, ha eba ditshebeletso tse jwalo di le siyo ka hara sebaka sa mosebetsi.
Dikahare
Lefapha la Mesebetsi le lokela ho nnetefatsa hore dikopi tsa Dipehelo tsena di teng mme di a fumaneha;
Dipehelo tsena mananeong a tlwaetso, thuto le thupelo a basebetsi ba bona.
Mekgatlo ya basebetsi e lokela ho kenyelletsa Dipehelo tsena mananeong a yona a thuto le thupelo ya baetapele ba basebetsi le basebetsi.
Dikahare
DITLHALOSO
Mosebetsi ya amehileng
Boleng ba sewa
Mosebetsi ya tshwaeditsweng
Tumello ka tsebo
Leano
Keletso ya pele le ka mora diteko
Utlwela ka mokgwa o kgonahalang
Mafu a tshwaetsang ka thobalano
Diteko tsa bodisa
Mosebetsi ya amilweng ka tsela efe kapa efe ke HIV/AIDS, mohlala ebang a ena le molekane kapa wa leloko ya nang le HI
Ditsela tse fapaneng tsa lefu, disosa, phatlalatso le ditsela tsa ho le laola ka hara setjhaba.
ho etsa teko e bontshang boemo ba motho ba HIV. Sena se ka kenyelletsa dipotso tse ngotsweng kapa tsa molomo tse batlisisang ka diteko tse fetileng tsa HIV; dipotso tse amanang le ho hlahloba ?boitshwaro bo kotsi? (mohlala, dipotso tse mabapi le tsa thobalano, palo ya balekane thobalanong kapa tshekamelo ya bong); le mokgwa ofe kapa ofe o sa tobang o etseditsweng ho nnetefatsa boemo ba moikopedi wa mosebetsi kapa ba mosebetsi.
ha diteko di bontsha hore o na le tshwaetso ya HIV.
mosebetsi eo diteko di bontshitseng hore o na le HIV kapa eo dingaka di fumaneng hore o na le HIV/AID
ketsahalotswello ya ho fumana tumello ho mokudi e nnetefatsang hore mokudi o utlwisisa ka botlalo boleng le se bolelwang ka teko pele a dumela hore e etswe.
Tokomane e hlalosang boemo ba mokgatlo ka tabana e itseng
Ketsahalotswello ya ho eletsa e thusang kutlwisiso ya boleng le sepheo sa diteko tsa HIV. E hlahloba melemo le mathata ao teko e a fuparetseng motho ya jwalo, le tshusumetso eo sephetho se tla ba le yona ho yena, ebang se re o na le tshwaetso kapa se re ha a na yona.
Ho bolela phetoho efe kapa efe e ka etswang mosebetsing kapa sebakeng sa mosebetsi e kgonahalang, mme e tla kgontsha motho ya phelang ka HIV kapa AIDS ho fihlela kapa ho ba le seabo kapa ho tswela pele mosebetsing.
Ana ke mafu a fetiswang ho tloha motho e mong ho ya ho e mong nakong ya thobalano, ho kenyelletswa syphillis, gonorrhea le HIV.
Tsena ke diteko tse sa boleleng lebitso la motho, tse sa kopanngweng le motho, tse etswang ho leka ho fumana boteng le sekgahla sa lefu ka hara setjhabana kapa sehlopha se itseng e le ho fana ka lesedi bakeng sa taolo, thibelo le tsamaiso ya lefu leo.
